Ke hoa madume lemong se setjha.
Ebe na re hlokomela kamoo puo kapa maleme a lapeng a shwang ka teng?
Bana ba thari e ntsho ha ba sa ikotla sefuba hohang ka puo tsa bona tsa letswele.
Ekare ha o bua puo ya hao, o bonahala eka o kgellwa fatshe kapa ha o etse moelelo. Re se re nketse Senyesemane hodimo hofeta beng ba sona. Nkile ka kgwaritsa lemo tse pedi tse fetileng, ke bua ka tlwaelo ya batho ba batsho ya ho buisana Senyesemane ka bobona le moo maemo asa tlameng kapa ho susumelletsa tshebediso eo ya puo.
Ke ka sewelo o ka bonang maAfrika Borwa a masweu (Makgowa ka puo e tlwaelehileng) a buisana Senyesemane. Ba thahasella ho bua puo ya bona hoo ba bileng ba o buisang yona o le motho ya motsho. Hona ho bontsha kamoo ba tsotellang puo ya bona kateng. O ka sheba le ditsheng tse ding tsa thuto e phahameng, ba tsekella ho bua puo ya bona ba sa tjhetjhe, le ha rona re lwana re lwanela....”Senyesemane”, eseng puo tsa rona.
Ha re shebeng marangrang ana a mehala ya thekeng, motho a ka ngola Sesotho a se fositse haholo fela, batho ba batsho ba sa bone phoso. Empa ngola Senyesemane se fosahetseng otle o bone matitjhere a senang mangolo ha a o fofela!
Ekare re qobelleha ho bua puo ena e kadinngweng, re qobellwa ke mang? ha ke tsebe!
Ekare ha o bua puo ya lapeng, Sesotho, Setswana, isiZulu jwalo jwalo, ha o etse moelelo, moelelo ke ha o bua yona ntho eo ka Senyesemane. Ebe re ikgella fatshe? Mohlala, nako tse ding motho oya Gauteng selemo feela, o kgutla a se asa tsebe puo ya hae!
E mong o tlile hona mona Mangaung a tlo kena sekolo, ka Paseka ha aya hae, o se a metha puo ya hae. Ekare ke ntho e ntle ho nyenyefatsa dipuo tsa rona.
Batho ba bangata ba rata hore: “Ho tseba puo yaka hokeke wha mpulela mamati”, ho se etsebe hona ho tla o bulela afeng?
Ha se phoso ho bua Senyesemane, hoba re a tseba hore ke puo e sebediswang nakong ya mosebetsi le ya sekolo, empa ntlha eo ke lekang ho e fetisa he hore, ha re se tlohelleng puo tsa rona hore di shwe re shebile. Ha re beng motlotlo ka ho bua puo tsa rona, motho a ke a iphephetse hore: ‘tsatsing lena, ke tlo bua puo yaka ka kotloloho, ke be ke etse bonnete ba hore ya mmametseng, a lakatse ho bua jwalo ka nna.’
Tsoha motho ya motsho. E qala ka nna, e qala ka wena.
- Express e amohela phehiso ya batho bohle ba ithaopang ho ngola ho hlaisa maikutlo mme a nto phatlalatswa kholomong ya beke le beke.
Bangodi haba leshwe hoba ba ithaopa. Batho banang lekhahleho baka romela dikgolwa tsa bona mantswe ka puo ya Sesotho kapa English, mantswe ebe a 500. Bangodi baka phehisa ka taba tse nang le thuto, bodumedi, setso, botjhaba le tse eletsang bophelong. Romela ho email ena: teboho.setena@volksblad.com.